Lipolaeano tse renang ka har’a naha

Rona Baetapele ba Kereke, ba tekenetseng lengolo lena, re lumelisa balumeli bohle ‘moho le batho bohle ba maikemisetso a matle.  Re etsa joalo ka Lebitso la Morena le Mopholosi oa rona Jesu Kreste.

Re le baruti ba lona, re sa boetse re le hopotsa hore ke ka eena Kreste, Molimo a entseng topollo ea rona ka ho inkela botho ba hae, ‘me a kena har’a mahlomola le masisa pelo a lefatśe lena ka baka la rona hobane “Ka ha le eena a lekiloe ka ho hlokofatsoa, o tseba ho thusa ba lekoang”.  (Baheberu 2: 18)

Ka hoo sechaba sa bo rona, re ipiletsa ho lona bohle ho ikopanya e le hore, le ha le ka fapana ka maikutlo, le tle le ‘ne le boloke bonngoe, le ratane, le hlomphane, hape le mamellane ho sa khathalle maemo a lona a lipolotiki le phapano ea maikutlo, hobane le ban  a ba Molimo kaofela.

Re elelloa maemo a hlobaetsang a lipolaeano, ‘me re tśoenyehile haholo ke maemo ana.  Lipalo li supa hore ho tloha selemong sa 2013 ho fihlela selemong sena sa 2016, lipolaeano li ntse li eja setsi.  Morena Molimo o boletse bukeng ea Exoda hore, “U se ke ua bolaea”  (Exoda 201:13).

Malapa a rona a arohane ke lintoa.  Metse ea rona e harasoane ke lintoa.  Tumelo ea rona e lekiloe ke lintoa.  Rona, baetapele ba lona ba Moea, re na le boikarabello bo boholo ba ho arabela qholotso ena.  Lintoa li senya maphelo, seriti sa botho le tśepo ea sechaba.  Tśabo ea lintoa e lemalitse sechaba ebile e se arotse.  Lehloeo, likarohano, ho nyahama le ho se tsotelle ke khubu ea tloaelo ena e mpe ea lintoa le lipolao.

Tlamahano ea sechaba, eo Basotho ba tsebiloeng e le sechaba sa khotso, e senyehile ka lebaka la tloaelo e mpe e hlahileng ea lintoa, tse sieang batho ba bang e le bafu, ‘me  malapa a mangata a phela ka tśabo mahaeng a bona.

Sechaba sa habo rona se holofalitsoe ke maemo ana hoo ho bonahalang se iphapanyelitse boemo ba tahlehelo ea maphelo le mahlomola a bakoang ke lipolao.  Sechaba sa Basotho se hlahileng se rata bophelo, bolokolohi, khotso le thabo, kajeno se tśoenngoa ke lefu, se khoholehong ea tśabo ‘me se nyoretsoe tśireletso.

‘Muso o tlameha ho phethahatsa boikarabello ba mantlha ba ho netefatsa boteng ba polokeho, boiketlo le siriti sa sechaba.  O tśoanetse ho sireletsa maphelo a sechaba e le hore se tle se natefeloe ke bophelo ‘me se phele ka bolokolohi.  Hona ho bolela hore sechaba se sireletsoe khahlanong le tsohle tse ka ba utloisang bohloko, tse ka etsang hore ba phele ka tśabo.  Re ipiletsa ho ‘Muso ho phethahatsa boikarabello ba ona ba ho sireletsa sechaba.

Ha ho tśoanele hoba tjena.  Ho ne ho se tjena.  Re ka nena lintoa.  Re ka aha sechaba sa khotso.  Sena se qala ka kholiseho ena: tlhompho ea bophelo. Tlhompho ea bophelo e kolla bukeng ea Genese moo re bolelloang hore motho o bopiloe ka setśoantśo sa Molimo ‘me Molimo a bolulela moea oa hae ka mothong (Genese 1: 27).  Re ipiletsa ho batho ba liketso tsena tsa diabolosi ho khaotsa hang-hang.

Tsela eo re atamelang bophelo ka eona,  e re thusa ho lemoha hore bophelo ke letlotlo le fetang lintho tsohle.  Tlhompho ea bophelo e tśoanetse ho tataisa lintho tseo re likhethang re le sechaba kapa ka bo mong: lintho tseo re li etsang kapa tseo re sa lietseng, tseo re li ratang ‘me  re li jang; tseo re li tśehetsang kapa re hananang le tsona.  Tlhompho ea bophelo ke qaleho ea ho loantśa tloaelo ea lintoa le lipolao.

Re ipiletsa  hore le fetole lipelo tsa lona.  Ke nako, ka mantsoe a tsoang bukeng ea Deuteronoma 30: 19

“Kajeno leholimo le lefatśe ke lipaki tsaka tsa hore ke beile kapele

ho  lona  bophelo  le  lefu,  tlhohonofatso le thohako; ka baka leo,

ikhetheleng bophelo, e le hore  uena,  le bana ba lona, le tle le phele.

Ha re hlokemeleng hore khotso ke mpho ea bohlokoahali e tsoang ho Molimo (Johanne 14: 27).

Sechaba sa habo rona, ha re mameleng Jesu Kreste ‘me re ikemisetse ho phethahatsa thuto ea hae ka mafolo-folo a macha:  “Ho lehlohonolo ba etsang khotso; hobane ba tla bitsoa bana ba Molimo” (Mattheu 5:9).

Khotso ea Molimo e be le lona.

ARCHBISHOP G.T. LEROTHOLI OMI

ROMAN CATHOLIC CHURCH

 BISHOP A.M. TAASO

ANGLICAN CHURCH IN LESOTHO

REV. T.S. MASEMENE

LESOTHO EVANGELICAL CHURCH

IN SOUTHERN AFRICA

 

 

 

REV. M. MOKHOSI

AFRICAN METHODIST EPISCOPAL

CHURCH

0 replies

Leave a Reply

Want to join the discussion?
Feel free to contribute!

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *