Polelo ea lekhotla la likereke Lesotho malebana le lipolao tsa batho ka har’a naha

Re le Lekhotla la Likereke  Lesotho re soabile le ho nyarosoa ke lefu la Ofisiri e kholo ea Sesole Monghali Maaparankoe Mahao le lipolao tse ling tse sehloho tsa batho. Re nyatsa ka matla lipolao tsena joalo ka ha lentsoe la Molimo le re “u  seke oa bolaea”, hobane bophelo ba motho e mong le e mong bo bohlokoa mahlong a Molimo.

Re ipiletsa ho ‘Muso ho batlisisa ka matla lipolao tsena le ho nka likhato tse lokelang tsa molao ka pele. Re ipiletsa ho Sechaba ho emisa lipolaeano tsena tse sehlooho.

Lekhotla la Likereke Lesotho le khothaletsa sechaba ho buisana moo ho fapanoang ka maikutlo.

Rev. T.S. Masemene

Motsatsi Oa Molula-Setulo

Bishop A.M. Taaso

Mongoli

Rev. M. Mokhosi

Setho

Rev. S. Sotu

Setho

0 replies

Leave a Reply

Want to join the discussion?
Feel free to contribute!

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *