Parliament Dissolution

  • “Moea oa Morena Molimo o holim’a ka, hobane o ntlotselitse ho bolella mafutsana, molaetsa o molemo. O nthometse ho thoba pelo tsa ba soabileng…” (Esaea 61:1). Re le Lekhotla La Likereke Lesotho (CCL) re rata ho leboha litho tsa mekha le makhotla a lipolotiki hammoho le baetapele ba mekha le makhotla a lipolotiki ha ba khutletse hae. Re lebohela le masole a neng a le chankaneng haele mona a lokolotsoe. Re lakatsa hore masole a ntseng a le palehong le ona a khutlele hae. Re leboha Morena Molimo ka tsena hobane ke sesupo sa litholoana tsa Jubile.
  • Re leboha kamoo Puso ea sechaba ka sechaba molemong oa sechaba e holang ka teng naheng ea rona. Sena se bonahetse ka tsela eo ntlo ea bakhethoa e sebelitseng litaba tsa eona ka teng holatela Molao oa Motheo.
  • Re lemoha hape hore Motlotlehi o amohetse khothaletso ea Tona-Kholo ea ho qhala paramente ele ho itukesetsa ho ea likhethong. Joale re ipeletsa ho baetapele ba mekha le makhotla a lipolotiki ho sebetsa ka mamello, tlhomphano, Khotso le lipuisano ha ba ntse ba itukisetsa ho ea likhethong.
  • Re ipiletsa ho Lekhotla la Likhetho (IEC) ho sebetsa ka ponahatso le bots’epehi joaloka nako e fitileng, ele hore sephetho sa likhetho se tle se amohelehe.
  • Re tsoenyehile haholo ke liketsahalo tsa ho koetela litho tsa mekha le makhotla a lipolotiki ke batho ba ikhakantseng. Empa ho makatsang ke hore ba qetella ba le liofising tsa sepolesa feela ho sena liqoso.
  • Re ipiletsa ho ‘Muso ho khalemela liketso tse joalo hobane li hatakela litokelo tsa mantlha tsa botho. Re ipeletsa hape ho litsi tsa ts’ireletso ho emisa liketso tsena le ho netefatsa polokeho ea sechaba, thepa ea sona le ts’ireletso ea naha.
  • Re ipiletsa hore lits’iea tsa puso ea sechaba ka sechaba molemong oa sechaba li baballoe, eleng bolokolohi ba motsamao, bolokolohi ba puo le tokelo ea ho phela tse teng kahara Molao oa Motheo.
  • Re qetella ka mantsoe a Jakobo a reng: “Ke mang har’a lona, ea bohlale, ea nang le tsebo? Ka boits’oaro ba hae bo botle, a ke a bonts’e hore mesebetsi ea hae e etsoa ka boikokobetso bo lumellanang le bohlale” Jakobo 3:13.

Boemo bo ka har’a naha

Boipiletso bo akaretsang ho Marena, Baetapele ba lipolotiki, sechaba le mekhatlo e ikemetseng. Rea le lumelisa ‘me re re ho lona:  “Le neoe mohau le khotso ke Molimo, Ntat’a rona, le ke  Morena  Jesu Kreste” (2 Cor. 1: 2). Re elelloa maemo a tsitsipano le ho hloka botsitso ka har’a naha ea rona.  Re hopotsa Basotho bohle litŝia tsa boleng ba rona e leng:

  1. Basotho le Lesotho pele
  2. Khotso le botsitso ba naha
  3. Tŝireletso ea rona re le sechaba
  4. Puso ea molao
  5. Ntlafatso le boiketlo ba sechaba

Ha re hetla morao re lemoha hore litholoana tsa maemo a kang ana li sulafaletsa Basotho bophelo, li leleka  metsoalle, le ho thefula moruo oa naha. Re bona tsona litŝiea tsena tseo e leng lebofe la rona li amehile haholo, ke liboka tsa baphatlalatsi le ho hasoa hoa litaba li-ea-le-moeeng. Liboka tsena ka matla a tsona li ka re thusa ho aha kapa ho heletsa litŝiea tsena tsa khotso. Paulosi ha a khalema sechaba sa Bakorinte o bua ka mantsoe ana:

“Re manģosa a Kreste ke hona, ‘me ho ka thoe ke Molimo o le

Khothatsang ka rona, rea le rapela, bakeng sa Kreste re re

Boelanang le Molimo” (2 Cor. 5: 20)

Re qetella ka ho kopa Basotho bohle le liphutheho tsohle tsa Likereke ho tŝehetsa lipuisano tsa baetapele bana ba rona ba lipolotiki ‘moho le rona Lihlooho tsa Likereke hore ho keneng lipakeng moo lipuisanong, Molimo a ke a re fe litholoana tsa katleho.